Aranda Likhomo Blanket 155x165cm BWU9051001Z

R 1,599.00
Likhomo | Sahara/Natural/Peacock Basotho ke morabe o ratileng khomo ka tsela e phethehileng mme ba e sebelisa linthong tse ngata... size: 155 x 165 cm  Basotho ke morabe o ratileng...
Returns:14 Days Easy Returns
Payments:
Description

Likhomo | Sahara/Natural/Peacock

Basotho ke morabe o ratileng khomo ka tsela e phethehileng mme ba e sebelisa linthong tse ngata...

  • size: 155 x 165 cm 

Basotho ke morabe o ratileng khomo ka tsela e phethehileng mme ba e sebelisa linthong tse ngata maphelong a bona. Khomo ene e sebelisoa nakong eo ho kopanoang malapa ka tsela ea lenyalo, e bile tshiea ho sechaba sa basotho nakong ea tlala hoba ene e fana ka nama, lebese, liaparo ka lekoko la eona eka sitana le ho lema masimong. Meketeng le Mafung Basotho ba hlaba khomo ele sesupo sa teboho le ho felehetsa Mofu ba bile ba mo koahela ka lekoko la eona eba kobo ea leeto la hae la ho qetela.

Marena ha a sa utloane ene ba emong otla fana ka khomo tse mmaloa (elenngoe ene amoheleha) ho ea ka setso ele sesupo sa hore ntoa e lale. Eleng emeng ea mekhoa eo Morena Moshoeshoe oa pele a ileng a e sebelisa tseleng tsa hae ho aheng sechaba sa Basotho. Maele a sesotho a re; “Khomo ke molimo o nko e metsi” ele hona ho supa bohlokoa ba eona ka kotloloho sechabeng. Mme polelo ka khomo eka sebelisoa ele tumeliso hara sechaba, eba motho otla hooa are “Likhomo!” ha eba a kopana le batho metsamaong kapa hona hara motse esita le pokanong ea lipitso.

Kobo ena ke sesupo sa bohlokoa ba Khomo ho sechaba sa Basotho mme e bontsha likhomo mahareng ho eona le mohato oa tlhako ho likoloha botaking ba eona. Ke ka eona kobo ena re etsang sehopotso sa hore Basotho ke “ma ana khomo Moreneng” joaloka ha bare; Khomo`Muu sella Moreneng, ha ella motsaneng hoa roneha/ronana!”

Composition : 50% Wool / 50% Acrylic

  • Wash Care Instructions:
  • Gentle cold wash
  • Do not bleach
  • Do not iron
  • Dry cleanable
  • Do not tumble dry
  • Preferred method to be hand washed

Assorted Colours And Design

Please call or WhatsApp for any help to 0769845229 Email: linen@mhcworld.co.za

Shipping & Delivery
Payment Methods